21 Ho tloha ka nako eo ho ea pele Jesu a hlalosetsa barutuoa ba hae hore o tla ea Jerusalema, a hlorisoe hampe ke baholo, baprista ba baholo le bangoli, a be a bolaoe ebe o tsosoa ka letsatsi la boraro.+
22 Ha ba ntse ba bokane Galilea Jesu a re ho bona: “Mor’a motho o tl’o rekisoa* ebe ho fanoa ka eena matsohong a batho.+23 Ba tla mo bolaea ebe o tsosoa ka letsatsi la boraro.”+ Eaba barutuoa ba sareloa haholo.