-
Matheu 22:15-22Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
15 Joale Bafarisi ba tsamaea ’me ba rerisana hore ba mo tšoare ka lipuo tsa hae.+ 16 Kahoo, ba romela barutuoa ba bona ho eena hammoho le balateli ba Heroda+ ba re: “Mosuoe, rea tseba hore u na le ’nete le hore u ruta tsela ea Molimo ka ’nete le hore ha u reke sefahleho sa mang kapa mang hobane ha u shebe ponahalo ea batho. 17 Re bolelle, u re’ng ka taba ee? Na ka molao* motho o lokela ho patala lekhetho ho Sesare kapa che?” 18 Empa kaha Jesu o ne a tseba merero ea bona e fosahetseng, a re: “Baikaketsi, le ntekela’ng? 19 Mpontšeng chelete ea tšepe e patalang lekhetho.” Ba mo fa denari.* 20 A re ho bona: “Setšoantšo le mongolo oo ke tsa mang?” 21 Ba re: “Ke tsa Sesare.” Eaba o re ho bona: “Ka hona, le fe Sesare lintho tsa hae le Molimo le mo fe tsa hae.”+ 22 Ha ba utloa a cho joalo, ba hlolloa eaba baa tsamaea.
-
-
Luka 20:20-26Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
20 Ba ne ba shebile monyetla o mong le o mong o ka hlahang oa ho tšoara Jesu. Kahoo, ba hira banna ba bang hore ba ee ho Jesu ba etse eka ba lokile e le hore ba ka mo tšoara ka lipuo tsa hae,+ ba tle ba mo ise ho ba boholong ’musong le ho ’musisi. 21 Eaba baa mo botsa ba re: “Mosuoe, rea tseba hore u bua ’nete ha u ruta batho ebile ha u leeme* empa u ruta tsela ea Molimo ka ’nete. 22 Na ka molao* re lokela ho patala lekhetho ho Sesare kapa che?” 23 Empa ha Jesu a lemoha hore ba bolotsana, a re ho bona: 24 “Mpontšeng denari.* Setšoantšo le mongolo tse hlahang moo ho eona ke tsa mang?” Ba re: “Ke tsa Sesare.” 25 A re ho bona: “Joale le fe Sesare lintho tsa hae+ le Molimo le mo fe tsa hae.”+ 26 Ha baa ka ba khona ho mo tšoara ka lipuo ka pel’a batho empa ba ile ba thola hobane ba makalitsoe ke karabo ea hae.
-