-
Luka 5:18, 19Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
18 Ho ne ho e-na le monna e mong ea shoeleng litho ea neng a kakasitsoe ke batho ka lempara. Ba ile ba leka ho mo kenya ka tlung le ho mo beha ka pel’a Jesu+ 19 empa ba ne ba sa khone hobane batho ba ne ba le bangata haholo. Kahoo, ba hloella ka holim’a ntlo, ba phunya marulelo, ba mo theolela tlase ka lempara ba mo beha ka pel’a Jesu.
-