-
Luka 20:45-47Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
45 Ha batho kaofela ba ntse ba mametse, a re ho barutuoa ba hae: 46 “Le hlokomele bangoli, ba rata ho lumelisoa limmarakeng le ho tsamaea ba apere liaparo tse telele. Ba rata ho lula litulong tse ka pele* ka matlung a thapelo* le litulong tsa bahlomphehi meketeng.+ 47 Ba ikhapela matlo* a bahlolohali hape ka boikaketsi ba etsa lithapelo tse telele. Ba tla fumana kahlolo e boima haholo.”
-