-
Matheu 9:3-8Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
3 Bangoli ba bang ba buela ka pelong ba re: “Motho enoa o rohaka Molimo.” 4 Kaha Jesu o ne a tseba hore na ba nahana’ng, a re ho bona: “Ke hobane’ng ha le nahana lintho tse fosahetseng joalo?+ 5 Ke hofe ho bonolo? Na ke ho re: ‘U tšoaretsoe libe’ kapa ho re: ‘Ema u tsamaee’?+ 6 Leha ho le joalo, e le hore le tsebe hore Mor’a motho o na le matla a ho tšoarela libe lefatšeng . . . ” A sheba ka ho motho ea shoeleng litho eaba o re: “Ema, u nke lempara la hao u ee hae.”+ 7 Eaba oa ema o ea hae. 8 Ha sechaba se bona ntho e etsahetseng sa tšoha haholo. Kahoo, sa tlotlisa Molimo ea fileng batho matla a makaalo.
-
-
Luka 5:21-26Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
21 Bangoli le Bafarisi ba re: “Ke mang enoa ea nyefolang? Ke mang ea ka tšoarelang libe haese Molimo feela?”+ 22 Kaha Jesu o ne a tseba hore na ba nahana’ng, a re ho bona: “Ke hobane’ng ha le nahana lintho tse joalo? 23 Ke hofe ho bonolo? Na ke ho re: ‘U tšoaretsoe libe’ kapa ho re: ‘Ema u tsamaee’? 24 Empa e le hore le tsebe hore Mor’a motho o na le matla a ho tšoarela libe lefatšeng . . . ” a re ho motho ea shoeleng litho: “Ke re ho uena, ema u nke lempara la hao u ee hae.”+ 25 A ema hang-hang ba ntse ba mo shebile, a nka lempara la hae a ea hae a ntse a rorisa Molimo. 26 Batho bohle ba hlolloa haholo eaba ba qala ho tlotlisa Molimo ba re: “Re qala ho bona ntho e tjena!”
-