-
Matheu 27:11-14Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
11 Jesu a ema ka pel’a ’musisi. ’Musisi a re ho eena: “Na u Morena oa Bajuda?” Jesu a re: “E, ke eena.”*+ 12 Empa ha aa ka a araba ha a ntse a qosoa ke baprista ba baholo le baholo.+ 13 Pilato a re ho eena: “Na oa utloa hore na ba u qosa ka lintho tse ngata hakae?” 14 Empa ha aa ka a mo araba leha e le ka lentsoe le le leng, hoo ’musisi a ileng a makala haholo.
-