-
Matheu 27:46-49Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
46 Hoo e ka bang ka hora ea boraro mantsiboea,* Jesu a hoeletsa a re: “Eli, Eli, lama sabakthani?” e bolelang: “Molimo oa ka, Molimo oa ka, u ntahletse’ng?”+ 47 Ha batho ba emeng moo ba utloa a cho joalo ba re: “Monna enoa o bitsa Elia.”+ 48 E mong oa bona a matha hang-hang eaba o nka seponche o se kenya ka har’a veine e bolila, a se hloma lehlakeng eaba oa mo fa hore a noe.+ 49 Empa ba bang kaofela ba re: “Mo tlohele re bone hore na Elia o tla tla a mo pholose.”
-