Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 21:22, 23
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 Haeba motho a entse sebe se lokeloang ke kahlolo ea lefu ’me le se le mo bolaile,+ le mo fanyehile palong,+ 23 setopo sa hae ha sea lokela ho lula palong bosiu kaofela.+ Ho e-na le hoo, le etse bonnete ba hore le mo pata letsatsing lona leo hobane motho ea fanyehiloeng o rohakiloe ke Molimo+ ’me le se ke la silafatsa naha eo Jehova Molimo oa lona a le fang eona e le lefa.+

  • Matheu 27:57, 58
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 57 Motšehare oa mantsiboea ha fihla monna e mong ea ruileng oa Arimathea, ea bitsoang Josefa, ea neng a fetohile morutuoa oa Jesu.+ 58 A ea ho Pilato a kopa setopo sa Jesu+ eaba Pilato o laela hore a se fuoe.+

  • Luka 23:50-52
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 50 Ho ne ho e-na le monna e mong ea bitsoang Josefa eo e neng e le setho sa Lekhotla, e ne e le monna ea lokileng.+ 51 Monna enoa ha aa ka a tšehetsa morero oa bona o mobe ka Jesu. O ne a tsoa Arimathea e leng motse oa Bajudea hape a lebeletse ’Muso oa Molimo. 52 O ile a ea ho Pilato a kopa setopo sa Jesu.

  • Johanne 19:38
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 38 Ka mor’a moo, Josefa oa Arimathea a kopa Pilato hore a mo lumelle ho theola setopo sa Jesu. Josefa e ne e le morutuoa oa Jesu ka sekhukhu hobane o ne a tšaba Bajuda.+ Pilato a mo lumella eaba oa ea o tlosa setopo sa Jesu.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela