-
Matheu 8:16, 17Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
16 Empa ha e e-ba mantsiboea, batho ba mo tlisetsa batho ba bangata ba nang le bademona. A leleka bademona bao ka ho ba laela feela ’me a phekola bohle ba neng ba kula 17 e le hore a phethahatse mantsoe a ileng a buuoa ka moprofeta Esaia ha a re: “O ile a jara maloetse a rona, a jara le mafu a rona.”+
-
-
Mareka 1:32-34Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
32 Mantsiboea ha letsatsi le liketse, batho ba mo tlisetsa bohle ba kulang le ba nang le bademona+ 33 ’me motse oohle oa bokana hona moo monyako. 34 Kahoo, a phekola ba bangata ba neng ba tšoeroe ke mafu a sa tšoaneng,+ a leleka le bademona ba bangata. Empa o ne a sa lumelle bademona ho bua hobane ba ne ba tseba hore ke Kreste.*
-