Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Mareka 1:23-25
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 23 Ka tlung ea bona ea thapelo* motho e mong ea neng a e-na le modemona a hoeletsa a re: 24 “U batla’ng ho rona Jesu oa Monazaretha?+ Na u tl’o re felisa? Ke tseba hantle hore na u mang, u Mohlanka ea Halalelang oa Molimo.”+ 25 Empa Jesu a khalemela modemona eo ka thata a re: “Thola, u tsoe ho eena!”

  • Mareka 3:11, 12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Esita le bademona+ ba ne ba oela fatše ka pel’a hae neng kapa neng ha ba mo bona ’me ba hoeletsa ba re: “U Mora oa Molimo.”+ 12 Empa ka makhetlo a mangata a ba laela ka thata hore ba se ke ba bolella mang kapa mang ka eena.+

  • Luka 4:33-35
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 33 Ka tlung ea thapelo ho ne ho e-na le motho ea nang le modemona eaba oa hoeletsa o re:+ 34 “U batla’ng ho rona Jesu oa Monazaretha?+ Na u tl’o re felisa? Ke tseba hantle hore na u mang, u Mohlanka ea Halalelang oa Molimo.”+ 35 Empa Jesu a khalemela modemona eo ka thata a re: “Thola, u tsoe ho eena!” Kahoo, modemona eo a akhela motho eo fatše har’a bona eaba o tsoa ho eena o sa mo ntša kotsi.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela