-
Mareka 1:40-45Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
40 Molepera e mong a tla ho eena, a mo kopa a bile a khumame a re: “Haeba feela u batla, u ka ntlhoekisa.”+ 41 Jesu a mo hauhela ’me a otlolla letsoho a mo tšoara eaba o re ho eena: “Kea batla, hloeka.”+ 42 Lepera la nyamela hang-hang ’me a hloeka. 43 A mo laea ka thata eaba o re a tsamaee, 44 a re ho eena: “U etse bonnete ba hore ha u re letho ho mang kapa mang empa u ee ho moprista a u bone. U etse linyehelo tseo Moshe a itseng li etsoe+ e le hore u hloeke, hore e be bopaki ho baprista.”+ 45 Empa ha monna eo a tloha, a bolella batho litaba tsena tsohle, hoo Jesu a neng a se a tlameha ho kena metseng a sa bonoe. O ne a lula libakeng tse ka ntle tse hole haholo. Ho ntse ho le joalo, batho ba ’na ba tla ho eena ba hlaha ka mahlakoreng ’ohle.+
-