-
Matheu 9:2-8Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
2 Batho ba mo tlisetsa monna ea shoeleng litho a robetse holim’a lempara. Ha Jesu a bona kamoo ba nang le tumelo kateng, a re ho motho ea shoeleng litho: “Ngoan’eso,* u se ke oa tšoenyeha. U tšoaretsoe libe.”+ 3 Bangoli ba bang ba buela ka pelong ba re: “Motho enoa o rohaka Molimo.” 4 Kaha Jesu o ne a tseba hore na ba nahana’ng, a re ho bona: “Ke hobane’ng ha le nahana lintho tse fosahetseng joalo?+ 5 Ke hofe ho bonolo? Na ke ho re: ‘U tšoaretsoe libe’ kapa ho re: ‘Ema u tsamaee’?+ 6 Leha ho le joalo, e le hore le tsebe hore Mor’a motho o na le matla a ho tšoarela libe lefatšeng . . . ” A sheba ka ho motho ea shoeleng litho eaba o re: “Ema, u nke lempara la hao u ee hae.”+ 7 Eaba oa ema o ea hae. 8 Ha sechaba se bona ntho e etsahetseng sa tšoha haholo. Kahoo, sa tlotlisa Molimo ea fileng batho matla a makaalo.
-