-
Matheu 9:10-13Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
10 Hamorao, ha a ntse a lutse tafoleng ka tlung, babokelli ba lekhetho le baetsalibe ba bangata ba tla ’me ba lula tafoleng le Jesu le barutuoa ba hae.+ 11 Ha Bafarisi ba mo bona ba re ho barutuoa ba hae: “Ke hobane’ng ha mosuoe oa lona a ja le babokelli ba lekhetho le baetsalibe?”+ 12 Ha a ba utloa a re: “Batho ba phetseng hantle ha ba hloke ngaka empa ba kulang baa e hloka.+ 13 Joale e-eang ’me le ithute hore na mantsoe ana a bolela’ng: ‘Ke batla mohau eseng sehlabelo.’+ Ke tletse ho bitsa baetsalibe eseng batho ba lokileng.”
-
-
Mareka 2:15-17Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
15 Ha Jesu a ne a lutse tafoleng ha Levi, babokelli ba lekhetho le baetsalibe ba bangata ba tla ’me ba lula le eena le barutuoa ba hae eaba ba bangata e e-ba balateli ba hae.+ 16 Empa ha bangoli ba Bafarisi ba bona hore o ne a ja le baetsalibe le babokelli ba lekhetho, ba re ho barutuoa ba hae: “Ke hobane’ng ha a ja le babokelli ba lekhetho le baetsalibe?” 17 Ha Jesu a utloa hore na ba re’ng a re ho bona: “Batho ba phetseng hantle ha ba hloke ngaka empa ba kulang baa e hloka. Ke tletse ho bitsa baetsalibe eseng batho ba lokileng.”+
-