-
Matheu 12:9-14Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
9 Ha Jesu a tloha moo, a kena ntlong ea bona ea thapelo.* 10 Ho ne ho e-na le monna ea omeletseng* letsoho moo.+ Kaha Bafarisi ba ne ba batla ho qosa Jesu, ba re ho eena: “Na molao o lumella motho ho folisa ka Sabatha?”+ 11 A re ho bona: “Haeba e mong oa lona a e-na le nku e le ’ngoe ebe e oela ka sekoting ka Sabatha, na a ka e tlohela ebe ha a e ntše?+ 12 Motho eena o bohlokoa haholo ho feta nku. Kahoo, molao o lumella motho ho etsa ntho e ntle ka Sabatha.” 13 Joale a re ho monna eo: “Otlolla letsoho la hao.” A le otlolla, la fola eaba le tšoana le le leng. 14 Empa Bafarisi ba tsoa ’me ba rera ho bolaea Jesu.
-
-
Mareka 3:1-6Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
3 Jesu a boela a kena ka tlung ea thapelo,* a fumana ho e-na le monna ea omeletseng* letsoho.+ 2 Kahoo, Bafarisi ba ne ba mo shebile ka hloko ho bona hore na o tla folisa monna eo ka Sabatha e le hore ba mo qose. 3 A re ho monna eo ea omeletseng* letsoho: “Phahama u eme bohareng mona.” 4 Eaba o re ho bona: “Na molao o lumella motho ho etsa ketso e ntle kapa e mpe ka Sabatha, ho pholosa kapa ho bolaea?”+ Ba thola. 5 A ba ea ka mahlo a halefile a bile a utloisitsoe bohloko ke hore ba lipelo li thata.+ A re ho monna eo: “Otlolla letsoho la hao.” A le otlolla ’me la fola. 6 Eaba Bafarisi baa tsoa ’me hang-hang ba rera le balateli ba Heroda+ hore na ba ka mo bolaea joang.
-