Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Matheu 10:2-4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Mabitso a baapostola ba 12 ke+ Simone, ea bitsoang Petrose+ le Andrease+ ngoan’abo, Jakobo mora oa Zebedea le Johanne+ ngoan’abo, 3 Filipi, Bartholome,+ Thomase,+ Matheu+ ’mokelli oa lekhetho, Jakobo mora oa Alfiase, Thadiase, 4 Simone oa Mokanana* le Judase Iskariota, eo hamorao a ileng a rekisa* Jesu.+

  • Mareka 3:14-19
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 A khetha banna ba 12, a ba bitsa baapostola. Ba ne ba tsamaea le eena a bile a ba roma ho ea ruta batho litaba tse monate tsa Molimo. 15 Hape a ba fa matla a ho leleka bademona.+

      16 Banna ba 12+ bao a ileng a ba khetha e ne e le Simone eo a ileng a mo reha Petrose,+ 17 Jakobo mora oa Zebedea le Johanne ngoan’abo Jakobo (le bona a ba reha Boanergese, e bolelang “Bara ba Sealuma”),+ 18 Andrease, Filipi, Bartholome, Matheu, Thomase, Jakobo mora oa Alfiase, Thadiase, Simone oa Mokanana* 19 le Judase Iskariota, eo hamorao a ileng a rekisa* Jesu.

      Eaba Jesu o kena ka tlung.

  • Liketso 1:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Ha ba fihla moo, ba ea kamoreng e ka holimo moo ba neng ba fihletse teng. Ho ne ho e-na le Petrose, Johanne, Jakobo, Andrease, Filipi, Thomase, Bartholome, Matheu, Jakobo mor’a Alfiase, Simone ea chesehang le Judase mora oa Jakobo.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela