-
Mareka 5:18-20Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
18 Eare ha a palama sekepe, monna eo ea neng a e-na le modemona a kopa ho tsamaea le eena.+ 19 Empa Jesu a mo hanela a re ho eena: “E-ea lapeng ho beng ka uena, u ba bolelle lintho tsohle tseo Jehova* a u etselitseng tsona le kamoo a u hauhetseng kateng.” 20 Monna eo a tloha eaba o bolella batho ba Dekapolise* lintho tsohle tseo Jesu a mo etselitseng tsona. Batho bohle ba qala ho makala.
-