Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Samuele 22:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  3 Molimo oa ka ke lefika la ka+ ’me ke tla balehela ho eena,

      Ke thebe+ ea ka le lenaka* la ka la poloko,* setšabelo sa ka se sireletsehileng,*+

      Sebaka seo ke balehelang ho sona,+ poloko ea ka.+ O mpholosa ntoeng.

  • Esaia 43:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  3 Hobane ke ’na Jehova Molimo oa hao,

      Mohalaleli oa Iseraele, Mopholosi oa hao.

      Ke fane ka Egepeta e le topollo bakeng sa hao

      Le ka Ethiopia le Seba hore ke u fumane

  • Habakuke 3:18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 Ha e le ’na, ke tla thaba ha ke nahana ka Jehova,

      Ke nyakalle ha ke nahana ka Molimo ea mpholosang.+

  • Tite 1:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Ka nako ea hae e loketseng, o ile a tsebahatsa lentsoe la hae ka mosebetsi oa boboleli oo ke ileng ka tšepeloa ho o etsa+ ho ea ka taelo ea Mopholosi oa rona, Molimo.

  • Juda 25
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 25 ke eena feela Mopholosi oa rona ka Jesu Kreste Morena oa rona. Ho eena e be tlotla, ho hlompheha, matla le bolaoli ho tloha linakong tsa khale-khale, hona joale le ka ho sa feleng. Amen.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela