-
Matheu 16:13-16Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
13 Ha Jesu a le motseng oa Sesarea Filipi a re ho barutuoa ba hae: “Batho ba re Mor’a motho ke mang?”+ 14 Ba re: “Ba bang ba re ke Johanne mokolobetsi,+ ba bang ba re ke Elia,+ ba bang bona ba re ke Jeremia kapa e mong oa baprofeta.” 15 A re ho bona: “Lona le re ke mang?” 16 Simone Petrose a re: “U Kreste,+ Mora oa Molimo ea phelang.”+
-
-
Mareka 8:27-30Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
27 Jesu le barutuoa ba hae ba tloha ba ea metseng ea Sesarea Filipi. Ha ba le tseleng a re ho barutuoa ba hae: “Batho ba re ke mang?”+ 28 Ba re ho eena: “Ba bang ba re u Johanne Mokolobetsi,+ ba bang ba re u Elia,+ ba bang bona ba re u e mong oa baprofeta.” 29 A re: “Lona le re ke mang?” Petrose a re: “U Kreste.”+ 30 Eaba o ba laela hore ba se ke ba bolella batho ka eena.+
-