-
Matheu 9:32-34Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
32 Ha banna bao ba tloha, batho ba mo tlisetsa monna ea sa khoneng ho bua ea nang le modemona.+ 33 Monna eo a qala ho bua ka mor’a hore Jesu a leleke modemona ea neng a le ho eena.+ Joale letšoele la makala la re: “Haesale ha re e-s’o bone ntho e tjena Iseraele.”+ 34 Empa Bafarisi ba ne ba re: “O leleka bademona ka ’musi oa bademona.”+
-