-
Jakobo 4:13-16Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
13 Mamelang lona ba reng: “Letsatsing lena kapa hosane re tla ea motseng o mong, re e’o qeta selemo teng ’me re tla qala khoebo e le hore re be le chelete,”+ 14 ha le tsebe hore na bophelo ba lona bo tla ba joang hosane.+ Le moholi o hlahang ka nako e khutšoanyane ebe oa nyamela.+ 15 Ho e-na le ho bua joalo, le lokela ho re: “Haeba Jehova* a rata,+ re tla phela ebe re etsa hona kapa hoane.” 16 Leha ho le joalo, lea ikhohomosa ebile lea ithorisa. Lintho tseo le ithorisang ka tsona li mpe.
-