Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Daniele 7:27
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 27 ‘ ’Muso, bobusi le boholo ba mebuso e lefatšeng lohle ea fuoa bahalaleli ba Ea Holimo-limo.+ ’Muso oa bona ke o ke keng oa fela+ ebile mebuso eohle e tla ba sebeletsa le ho ba mamela.’

  • Luka 22:28-30
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 28 Haesale le e-na le ’na+ mathateng a ka.+ 29 Kahoo, ke etsa selekane sa ’muso le lona feela joalokaha Ntate a entse selekane le ’na+ 30 e le hore le ka lula tafoleng ea ka la ja, la noa ’Musong oa ka+ le be le lule literoneng+ ho ahlola meloko e 12 ea Iseraele.+

  • Baheberu 12:28
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 28 Kaha re tla amohela ’Muso o ke keng oa sisinngoa, a re luleng re tšepahala e le hore Molimo a tsoele pele ho re bontša mosa hobane ka lebaka la oona re tla khona ho mo sebeletsa ka tlhompho e tebileng.

  • Jakobo 2:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Mamelang bana beso bao ke ba ratang. Molimo o khethile batho bao lefatše le ba nkang ba futsanehile hore e be barui tumelong+ le hore e be majalefa a ’Muso oa hae oo a o tšepisitseng batho ba mo ratang.+

  • Tšenolo 1:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 o re entse marena+ le baprista+ hore re sebeletse Molimo Ntate oa hae. E se eka a ka rorisoa le ho fuoa matla ka ho sa feleng. Amen.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela