20 A re ho bona: “Ke hobane tumelo ea lona ea fokola. Kannete kea le bolella hore haeba tumelo ea lona e lekana le peo ea mosetareta, le tla re ho thaba ena: ‘Tloha mona u ee mane,’ ebe ea tloha ’me ha ho letho leo le ke keng la khona ho le etsa.”+
21 Jesu a ba araba a re: “Kannete ke re ho lona, haeba feela le e-na le tumelo ’me le sa belaele, le tla etsa seo ke se entseng ka sefate sa feie. Hape haeba le re ho thaba ena: ‘Phahama u e’o oela ka leoatleng,’ ho tla etsahala.+
23 Kannete ke re ho lona mang kapa mang ea reng ho thaba ena: ‘Phahama u e’o oela ka leoatleng’ ’me a sa belaele ka pelong ea hae empa a e-na le tumelo ea hore ntho eo a e buang e tla etsahala, e tla fela e etsahale.+