Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Matheu 6:20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Empa le ipolokele matlotlo leholimong,+ moo tšoele* kapa mafome li sa jeng+ le moo masholu a sa thuheng ’me a utsoe.

  • Matheu 19:21
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 21 Jesu a re ho eena: “Haeba u batla ho phethahala, tsamaea u rekise lintho tsa hao ebe u fa bafutsana chelete eo, joale u tla ba le letlotlo leholimong.+ Ka mor’a moo u tle, u be molateli oa ka.”+

  • Mareka 10:21
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 21 Ha Jesu a mo sheba a utloa a mo rata eaba o re ho eena: “Ho haella ntho e le ’ngoe ho uena: Tsamaea u rekise lintho tsa hao ebe u fa bafutsana chelete eo, joale u tla ba le letlotlo leholimong. Ka mor’a moo, u tle u be molateli oa ka.”+

  • Luka 12:33
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 33 Rekisang lintho tsa lona ’me le fane ka limpho ho bafutsana.*+ Iketsetseng lipache tse ke keng tsa fela, e leng letlotlo le sa feleng leholimong,+ moo masholu a sa atameleng le moo tšoele* e sa jeng.

  • 1 Timothea 6:18, 19
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 Ba bolelle hore ba etse lintho tse ngata tse ntle hape e be batho ba fanang, ba ikemiselitseng ho arolelana le batho ba bang.+ 19 Ha ba etsa joalo ba tla be ba ipolokela matlotlo a tsoang ho Molimo. Ba tla be ba iketsetsa motheo o motle bakeng sa bokamoso+ e le hore ba lule ba e-na le tšepo e matla ea hore ba tla fumana bophelo ba sebele.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela