-
Matheu 19:28, 29Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
28 Jesu a re ho bona: “Kannete ke re ho lona, ha lintho tsohle li nchafatsoa, Mor’a motho a lula teroneng ea hae e khanyang, lona ba ntatetseng le tla lula literoneng tse 12, le ahlole meloko e 12 ea Iseraele.+ 29 E mong le e mong ea siileng matlo, bana babo, ntate kapa ’mè, bana kapa masimo ka lebaka la lebitso la ka o tla fumana lintho tsena halekholo a be a fumane bophelo bo sa feleng.+
-
-
Mareka 10:29, 30Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
29 Jesu a re: “Kannete ke re ho lona, e mong le e mong ea siileng ntlo, bana babo, ’mè, ntate, bana kapa masimo ka lebaka la ka le ka lebaka la litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo+ 30 o tla fumana matlo, bana babo, bo-’mè, bana le masimo halekholo hona joale, a boele a fumane mahloriso.+ Lefatšeng le lecha le tlang,* o tla fumana bophelo bo sa feleng.
-