Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Zakaria 9:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  9 Thaba haholo uena morali oa Sione.

      Hoeletsa u thabile hobane u hlotse uena morali oa Jerusalema.

      Morena oa hao o tla ho uena.+

      O lokile, o tl’o u pholosa,*

      O ikokobelitse+ ebile o palame tonki,

      O palame petsana* e leng petsana ea tonki e tšehali.+

  • Mareka 11:7-10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Ba tlisa petsana eo+ ho Jesu, ba beha liaparo tsa bona holim’a eona eaba oa e palama.+ 8 Hape, batho ba bangata ba ala liaparo tsa bona ka tseleng. Ba bang bona ba nka makala ao ba neng ba a pomme masimong eaba ba a ala ka tseleng.+ 9 Ba tsamaeang ka pele le ba tlang ka morao ba ’na ba hoeletsa: “Re rapella hore u mo pholose.+ Ho hlohonolofetse ea tlang ka lebitso la Jehova.*+ 10 Ho hlohonolofetse ’Muso o tlang oa ntate oa rona Davida!+ Rea rapela, mo pholose uena ea holimo!”

  • Johanne 12:14, 15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Ha Jesu a fumana petsana ea tonki, a e palama+ feela joalokaha Mangolo a re: 15 “U se ke oa tšoha uena morali oa Sione. Morena oa hao o tla a palame petsana ea tonki.”+

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela