Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Marena 17:13, 14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Jehova a ’na a lemosa Baiseraele le Bajuda a sebelisa baprofeta bohle ba hae le batho bohle ba bonang lipono+ a re: “Tlohelang ho etsa lintho tse mpe!+ Le mamele litaelo tsa ka ho ea ka melao eohle eo ke e fileng baholo-holo ba lona le eo ke ileng ka le romella eona ke sebelisa bahlanka ba ka e leng baprofeta.” 14 Empa ha ba aa ka ba mamela, ba ne ba le manganga* joaloka baholo-holo ba bona ba neng ba sa bontše tumelo ho Jehova Molimo oa bona.+

  • 2 Likronike 36:15, 16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona a ’na a ba lemosa ka baromuoa ba hae. O ne a ba lemosa ka makhetlo a mangata hobane a utloela batho ba hae bohloko a bile a sa batle hore tempele ea hae e felisoe. 16 Empa ba ile ba soma baromuoa bao ba Molimo oa ’nete,+ ba nyatsa mantsoe+ a hae ba ba ba soma baprofeta ba hae,+ hoo Jehova a ileng a halefela batho ba hae haholo,+ ho fihlela ba se ba sa khone ho thusoa.

  • Liketso 7:52
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 52 Ke moprofeta ofe eo baholo-holo ba lona ba sa mo hlorisang?+ Ba bolaile batho ba profetileng ho tla ha motho ea lokileng,+ eo lona le mo rekisitseng* le ho mo bolaea.+

  • Baheberu 11:36, 37
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 36 Ba bang ba ile ba lekoa ka ho songoa, ho shapuoa, ho fasoa ka liketane+ le ho lahleloa literonkong.+ 37 Ba ile ba tlepetsoa ka majoe,+ ba lekoa, ba sakhoa, ba bolaoa ka sabole,+ ba tsamaea ba apere makoko a linku le a lipoli+ ha ka nako e tšoanang ba ne ba hloka, ba le matšoenyehong,+ ba tšoaroa hampe+

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela