-
Matheu 22:41-46Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
41 Ha Bafarisi ba ntse ba bokane, Jesu a re ho bona:+ 42 “Le nahana joang ka Kreste? Ke mora oa mang?” Ba re ho eena: “Oa Davida.”+ 43 A re ho bona: “Joale ke hobane’ng ha moea o halalelang o ile oa susumelletsa Davida+ hore a mo bitse Morena, a re: 44 ‘Jehova* o itse ho Moren’a ka: “Lula ka letsohong la ka le letona ho fihlela ke beha lira tsa hao tlas’a maoto a hao”’?+ 45 Joale haeba Davida a mo bitsa Morena, ke mora oa hae joang?”+ 46 Ha ho ea ileng a khona ho mo araba. Ho tloha letsatsing leo ho ea pele, ha ho le ea mong ea ileng a iteta sefuba ho mo botsa hape.
-
-
Mareka 12:35-37Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
35 Ha Jesu a ntse a ruta ka tempeleng, a re: “Ke hobane’ng ha bangoli ba re Kreste ke mora oa Davida?+ 36 Moea o halalelang+ o ile oa susumelletsa Davida hore a re: ‘Jehova* o itse ho Moren’a ka: “Lula ka letsohong la ka le letona ho fihlela ke beha lira tsa hao tlas’a maoto a hao.”’+ 37 Joale Kreste ke mora oa Davida joang+ empa Davida a mo bitsa Morena?”
Letšoele le leholo le ne le thabetse ho mo mamela.
-