-
Matheu 28:5-7Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
5 Empa lengeloi la re ho basali bao: “Le se ke la tšoha, kea tseba hore le batla Jesu ea ileng a khokhotheloa palong.+ 6 Ha a eo mona. O tsositsoe bafung feela joalokaha a chulo.+ Tloong, le bone moo a neng a robetse teng. 7 Tsamaeang kapele le e’o bolella barutuoa ba hae hore o tsositsoe bafung. O se a ntse a le tseleng e eang Galilea.+ Le tla mo fumana moo. Le hopole litaba tseo ke le boleletseng tsona.”+
-
-
Mareka 16:5-7Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
5 Eitse ha ba kena ka lebitleng, ba tšoha haholo hobane ba ile ba bona mohlankana e mong ea apereng liaparo tse telele tse tšoeu a lutse ka lehlakoreng le letona. 6 Mohlankana eo a re ho bona: “Le se ke la tšoha,+ kea tseba hore le batla Jesu oa Monazaretha ea ileng a khokhotheloa palong. O tsositsoe,+ ha a eo mona. Bonang moo a neng a robetse teng.+ 7 E-eang ho Petrose le barutuoa ba bang ba Jesu le re ho bona: ‘O se a ntse a le tseleng e eang Galilea.+ Le tla mo fumana moo feela joalokaha a ile a le bolella.’”+
-