4Ha Petrose le Johanne ba ntse ba bua le sechaba, baprista ba baholo, motsamaisi oa tempele le Basaduse+ ba ba khorohela, 2 ba halefisitsoe ke hore baapostola baa ruta ebile ba bolella batho phatlalatsa hore Jesu o tsositsoe bafung.+
27 Ba ba tlisa ka pel’a Lekhotla le Phahameng la Bajuda.* Moprista ea phahameng a re ho bona: 28 “Re le laetse ka thata hore le se ke la ’na la ruta batho ka lebitso lena+ empa lona le tlatsitse Jerusalema thuto ea lona ’me le batla ho re jarisa molato oa lefu la motho enoa.”+