6 Ke tla be ke eme ka pel’a hao moo lefikeng la Horebe. U otle lefika ’me metsi a tla tsoa ho lona e le hore sechaba se noe.”+ Moshe a etsa joalo moo baholo ba Iseraele ba ntseng ba bona.
8 “Nka molamu ebe uena le abuti oa hao Arone le bokella sechaba. Le bue le lefika e le hore le fane ka metsi sechaba se ntse se shebile. Metsi a tla tsoa lefikeng, le a fe sechaba le liphoofolo tsa sona e le hore li noe.”+
14 Motho ea noang metsi ao ke mo fang ’ona a ke ke a nyoroa+ empa metsi ao ke mo fang ’ona a tla fetoha seliba sa metsi ka hare ho eena, se runyang se fanang ka bophelo bo sa feleng.”+