11 Ba bang ba lona le ne le le joalo empa le hloekisitsoe,+ le halalelitsoe+ hape le nkoa le lokile+ ka lebaka la lebitso la Morena oa rona Jesu Kreste le ka moea oa Molimo oa rona.
25 Banna, le lule le rata basali ba lona+ feela joalokaha Kreste le eena a ile a rata phutheho, a ba a tela bophelo ba hae bakeng sa eona.+26 O entse joalo e le hore a ka e halaletsa, a e hloekisa ka metsi e leng lentsoe la Molimo+
5 o ile a re pholosa, eseng ka lebaka la mesebetsi e lokileng eo re e entseng+ empa ka lebaka la mohau oa hae.+ O ile a re pholosa ka metsi a ileng a re fa bophelo*+ le ka ho re nchafatsa ka moea o halalelang.+
22 Kahoo, a re atameleng Molimo ka lipelo tsohle ebile re e-na le tumelo e matla hobane lipelo tsa rona li hloekisitsoe, matsoalo a rona ha a sa re tšoenya+ le ’mele ea rona e hlatsoitsoe ka metsi a hloekileng.+