Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Matheu 26:59-61
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 59 Baprista ba baholo le litho tsohle tsa Lekhotla le Phahameng la Bajuda* ba ne ba batla bopaki ba bohata boo ba ka qosang Jesu ka bona e le hore ba mo bolaee.+ 60 Empa ha baa ka ba bo fumana le hoja lipaki tsa bohata li ile tsa tla ka bongata.+ Hamorao ha tla tse peli tsa re: 61 “Monna enoa o itse a ka khona ho heletsa tempele ea Molimo a ba a e haha ka matsatsi a mararo.”+

  • Matheu 27:39, 40
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 39 Batho ba fetang ka tsela ba mo nyefola,+ ba sisinya lihlooho ba re:+ 40 “U itse u tla heletsa tempele u be u e hahe ka matsatsi a mararo.+ Ipholose he! Haeba u mora oa Molimo, theoha palong eo u khokhothetsoeng ho eona!”*+

  • Mareka 14:57, 58
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 57 Ba bang ba ne ba ema ’me ba fana ka bopaki ba bohata ba re: 58 “Re utloile a re: ‘Ke tla heletsa tempele ena e hahuoeng ka matsoho ebe ka mor’a matsatsi a mararo ke haha e ’ngoe e sa etsoang ka matsoho.’”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela