Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Daniele 9:26
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 26 Ka mor’a libeke tse 62, Mesia o tla bolaoa+ ho se na letho leo a setseng ka lona.+

      Moeta-pele o tla tla le masole a hae ’me ba felise motse oo le sebaka se halalelang+ ’me timetso e tla tla ka moroallo. Ho tla ba le ntoa ho fihlela bofelong. Molimo o entse qeto ea hore ho felisoe motse oo.+

  • Matheu 27:26
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 26 A ba lokollela Barabase empa a laela hore Jesu a shapuoe ka sephali+ ’me a fana ka eena ho masole hore a mo khokhothele palong.+

  • Matheu 27:31
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 31 Ha a qeta ho mo soma, a mo hlobolisa seaparo se sekareleta, a mo apesa liaparo tsa hae ’me a mo etella pele hore a e’o khokhotheloa palong.+

  • Mareka 15:15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Kaha Pilato o ne a batla ho ba khotsofatsa, a ba lokollela Barabase empa a laela hore Jesu a shapuoe ka sephali+ ’me a fana ka eena hore a khokhotheloe palong.*+

  • Luka 23:24, 25
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 24 Kahoo, Pilato a etsa qeto ea ho ba khotsofatsa. 25 A lokolla monna eo ba neng ba mo batla, ea neng a kentsoe teronkong hobane a bolaile a bile a fetohetse ’muso empa a fana ka Jesu ho bona hore ba etse ntho eo ba e batlang ka eena.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela