Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Matheu 27:55, 56
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 55 Hape basali ba bangata ba neng ba felehelitse Jesu ha a tloha Galilea e le hore ba mo sebeletse, ba ne ba shebeletse ba le hojana.+ 56 Har’a bona ho ne ho e-na le Maria Magdalena, Maria ’mè oa Jakobo le Jose hammoho le ’mè oa Jakobo le Johanne.*+

  • Matheu 27:61
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 61 Maria Magdalena le Maria e mong ba sala ba lutse moo ka pel’a lebitla.+

  • Mareka 15:40
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 40 Hape ho ne ho e-na le basali ba neng ba shebeletse ba le hojana. Har’a bona ho ne ho e-na le Salome, Maria Magdalena le Maria ’mè oa Jakobo e Monyenyane le Jose.+

  • Luka 23:49
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 49 Bohle ba neng ba tloaelane le eena hammoho le basali ba neng ba mo felehelitse ho tloha Galilea, ba ne ba eme hojana ba shebile lintho tsena.+

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela