41 Ho ne ho e-na le serapa moo a neng a bolaetsoe teng. Serapeng seo ho ne ho e-na le lebitla le lecha+ leo ho neng ho e-s’o ka ho pateloa motho ho lona. 42 Kaha e ne e le letsatsi la Bajuda la ho lokisetsa Paseka+ ebile lebitla leo le le haufi, ba patela Jesu moo.