16 Abrahama a mamela Efrone eaba o bekhela Efrone silevera eo a buileng ka eona ka pel’a bara ba Hethe, e leng likotoana* tsa silevera tse 400 ho ea ka tekanyo e amoheloang ke bo-rakhoebo.+
19 Hape Moshe a nka masapo a Josefa hobane Josefa o ne a itse ho bara ba Iseraele: “Ha Molimo a le ntša naheng ena, le tsamaee le masapo a ka.”+ Josefa o ile a etsa hore ba hlapanye hore ba tla etsa joalo.
32 Masapo a Josefa+ ao Baiseraele ba neng ba a tlisitse ho tsoa Egepeta, a ile a patoa Shikeme karolong ea tšimo eo Jakobo a neng a e fumane ho bara ba Hamore,+ ntate oa Shikeme, ka likotoana tse 100 tsa chelete+ ’me ea e-ba lefa la bara ba Josefa.+