Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Liketso 20:22, 23
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 Hona joale moea o ntataisetsa Jerusalema le hoja ke sa tsebe hore na ke tla hlaheloa ke’ng ha ke le moo. 23 Ntho eo ke e tsebang ke hore motseng o mong le o mong moea o halalelang o lula o mpolella hore teronko le mahloriso li nkemetse.+

  • Liketso 21:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 A tla ho rona eaba o nka lebanta la Pauluse, o iphasa maoto le matsoho ka lona ’me o re: “Moea o halalelang o re, ‘Mong’a lebanta lena o tla fasoa tjena ke Bajuda Jerusalema+ ’me ba tla mo nehella batho ba lichaba.’”+

  • 2 Bakorinthe 11:23-28
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 23 Na ba sebeletsa Kreste? Ke araba joaloka lehlanya, ’na ke mo sebeletsa haholo ho ba feta: Ke entse mesebetsi e mengata,+ ka koalloa hangata,+ ka otloa hangata ’me ka makhetlo a mangata ka batla ke shoa.+ 24 Ka makhetlo a mahlano, Bajuda ba ile ba nchapa lithupa tse 39,+ 25 ka otloa ka melamu ka makhetlo a mararo,+ ka tlepetsoa ka majoe hanngoe,+ ka robeheloa ke sekepe hararo,+ ka qeta bosiu bo le bong le letšehare ke le leoatleng. 26 Ke ne ke le maetong hangata, ke tobana le likotsi linokeng, likotsi tsa masholu, tsa batho ba heso,+ tsa linaha tse ling,+ likotsi tsa motseng,+ likotsi tsa thoteng, likotsi tsa leoatleng, likotsi tsa bana beso ba bohata. 27 Ke ne ke sebetsa ka thata ke bile ke sehla, ke qeta masiu a mangata ke sa robale,+ ke bolaoa ke tlala le lenyora,+ hangata ke se na lijo,+ ke bolaoa ke serame ebile ke se na liaparo.

      28 Ntle ho lintho tsena kaofela, letsatsi le leng le le leng ke lula ke tšoenyeha ka liphutheho tsohle.+

  • Bakolose 1:24
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 24 Ke thabela ho sotloa molemong oa lona.+ Kaha ke karolo ea ’mele oa Kreste, ke ikemiselitse ho lula ke sotloa. Ke sotloa tjena molemong oa ’mele oa Kreste,+ e leng phutheho.+

  • 2 Timothea 1:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Ke ka lebaka leo le ’na ke hlaheloang ke lintho tse bohloko+ empa ha li etse hore ke soabe.+ Ke tseba eo ke lumelang ho eena ’me ke kholisehile hore o tla sireletsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke mo fileng eona hore a e hlokomele ho fihlela letsatsing la kahlolo.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela