-
Baroma 15:8, 9Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
8 Kea le bolella hore Kreste e ile ea e-ba mosebeletsi oa Bajuda+ e le ho bontša hore Molimo o na le ’nete, ho tiisa litšepiso tseo Molimo a ileng a li etsetsa baholo-holo ba bona+ 9 le hore lichaba tse ling li tlotlise Molimo ka lebaka la mohau oa hae.+ Etsoe Mangolo a re: “Ke ka lebaka leo ke tla u rorisa har’a lichaba, ke tla binela lebitso la hao lipina tsa thoriso.”+
-