-
Deuteronoma 7:1Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
7 Ha Jehova Molimo oa lona a le tlisa naheng eo le tlang ho kena ho eona hore e be ea lona,+ o tla boela a tlose lichaba tse nang le baahi ba bangata ka pel’a lona:+ Bahethe, Bagirgashe, Baamore,+ Bakanana, Bapereze, Baheve le Bajebuse,+ e leng lichaba tse supileng tse nang le baahi ba bangata le tse matla ho le feta.+
-
-
Joshua 14:1, 2Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
14 Sena ke seo Baiseraele ba ileng ba se nka e le lefa naheng ea Kanana, eo moprista Eleazare le Joshua mora oa Nune le lihlooho tsa matlo a bo-ntate ba maloko a Baiseraele ba ileng ba ba fa eona e le lefa.+ 2 Lefa la bona le ile la ajoa ka lotho+ feela joalokaha Jehova a ne a laetse a sebelisa Moshe bakeng sa maloko a robong le halofo.+
-