-
Johanne 19:40-42Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
40 Ba nka setopo sa Jesu ba se thatela ka masela a line a tšetsoeng ka linoko tseo,+ e leng tsela eo Bajuda ba neng ba tloaetse ho pata batho ka eona. 41 Ho ne ho e-na le serapa moo a neng a bolaetsoe teng. Serapeng seo ho ne ho e-na le lebitla le lecha+ leo ho neng ho e-s’o ka ho pateloa motho ho lona. 42 Kaha e ne e le letsatsi la Bajuda la ho lokisetsa Paseka+ ebile lebitla leo le le haufi, ba patela Jesu moo.
-