-
Luka 2:29-32Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
29 “’Musi oa Lintho Tsohle, ke bone ngoana joalokaha u ntšepisitse, joale nka ichoella ka khotso+ 30 hobane ke bone tsela eo u tl’o pholosa batho ka eona+ 31 e leng motho eo u faneng ka eena hore lichaba tsohle li mo bone.+ 32 Ke leseli+ le tlosang lesira la lefifi ho lichaba+ ebile ke khanya ea sechaba sa hao sa Iseraele.”
-
-
Liketso 18:5, 6Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
5 Ha Silase+ le Timothea+ ba fihla ho tsoa Macedonia, Pauluse a phathahana ka ho bolela lentsoe, a fa Bajuda bopaki ba hore Jesu ke Kreste.+ 6 Bajuda ba ne ba lula ba hanyetsa Pauluse ba bile ba mo nyefola. Kahoo, a hlohlora liaparo tsa hae+ a re ho bona: “E se e le taba ea lona hore na le tla hlaheloa ke’ng.+ ’Na ha ke na molato.+ Ho tloha joale ke tla ea ho balichaba.”+
-