25 Empa Jesu a khalemela modemona eo ka thata a re: “Thola, u tsoe ho eena!” 26 Modemona eo a hoeletsa haholo a ba a etsa hore motho eo a thothomele habohloko eaba o tsoa ho eena.
34 Kahoo, a phekola ba bangata ba neng ba tšoeroe ke mafu a sa tšoaneng,+ a leleka le bademona ba bangata. Empa o ne a sa lumelle bademona ho bua hobane ba ne ba tseba hore ke Kreste.*