Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Pesaleme 22:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  7 Batho bohle ba mponang baa ntšeha.+

      Ba ncheba ka lenyatso ebile ba sisinya lihlooho ba re:+

  • Pesaleme 34:20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 O lebela masapo ’ohle a hae.

      Ha ho na le le leng la ’ona le robehileng.+

  • Pesaleme 69:21
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 21 Ho e-na le ho mpha lijo ba ile ba mpha chefo,*+

      Ha ke ne ke nyoriloe ba ile ba mpha vinika hore ke e noe.+

  • Pesaleme 118:22
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 Lejoe leo lihahi li le lahlileng

      Le fetohile lejoe la sekhutlo la sehlooho.*+

  • Esaia 50:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  6 Ke ile ka fana ka mokokotlo oa ka ho ba nkotlang,

      Ka fana ka marama a ka ho ba ntlhothang litelu.

      Ha kea ka ka pata sefahleho sa ka ha ke tlotlolloa le ha ke tšoeloa ka mathe.+

  • Esaia 53:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  3 O ile a nyefoloa ’me a qojoa ke batho.+

      O ile a tseba hore na ho joang ho utloa bohloko le hore na bokuli ke eng.

      E ne eka re patetsoe sefahleho sa hae.*

      O ile a nyefoloa ’me ra mo nka e se motho oa bohlokoa.+

  • Esaia 53:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  5 Empa o ile a hlajoa+ ka lebaka la litšito tsa rona,+

      A hlokofatsoa ka lebaka la liphoso tsa rona,+

      A mamella kotlo hore re be le khotso.+

      Re folisitsoe ka lebaka la maqeba a hae.+

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela