Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Liketso 9:3-8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Ha a atamela Damaseka, khanya e tsoang leholimong ea mo potoloha ka ho panya ha leihlo.+ 4 A oela fatše eaba o utloa lentsoe le re ho eena: “Saule, Saule, ekaba u ntlhorisetsa’ng?” 5 Saule a re: “U mang Morena?” A re: “Ke ’na Jesu+ eo u mo hlorisang.+ 6 Ema u ee motseng, u tla bolelloa hore na u etse’ng.” 7 Banna ba tsamaeang le eena ba ne ba maketse hoo ba neng ba sitoa ho bua hobane ba ne ba utloa lentsoe empa ba sa bone mong’a lona.+ 8 Saule a phahama. Le hoja a ne a shebile, o ne a sa bone letho. Kahoo, ba mo tataisa ba mo tšoere ka matsoho ’me ba mo isa Damaseka.

  • Liketso 26:13-15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Joale Morena, har’a mpa ea motšehare ha ke le tseleng, ka bona khanya e fetang ea letsatsi e tsoang leholimong e mpotoloha le batho bao ke neng ke tsamaea le bona.+ 14 Ra oela fatše kaofela eaba ke utloa lentsoe le re ho ’na ka puo ea Seheberu: ‘Saule, Saule, ekaba u ntlhorisetsa’ng? U ithatafaletsa bophelo ka ho ntoantša.’* 15 Ka re: ‘U mang Morena?’ Eaba o re: ‘Ke ’na Jesu eo u mo hlorisang.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela