58 Ba mo lahlela ka ntle ho motse eaba ba mo tlepetsa ka majoe.+ Lipaki+ tse mo qositseng tsa beha liaparo tsa tsona tsa ka holimo maotong a mohlankana ea bitsoang Saule.+
13 le hoja qalong ke ne ke nyefola Molimo, ke hlorisa batho ba hae ebile ke ikhohomosa.+ Ke ile ka etsa lintho tseo hobane ke se na tsebo ebile ke se na tumelo empa Kreste o ile a nkhauhela.
15 Mantsoe a reng “Kreste Jesu o ile a tla lefatšeng ho pholosa baetsalibe”+ ke ’nete hape re tšoanela ho a lumela. Har’a baetsalibe bao bohle, ke ’na ea ka pele-pele.+