-
Liketso 21:31-33Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
31 Ha ba ntse ba leka ho mo bolaea, molaoli oa sesole a bolelloa hore batho ba Jerusalema kaofela ba entse moferefere. 32 A potlakela ho bona a e-na le masole le balaoli ba ’ona. Ha ba bona molaoli oa sesole le masole, ba khaotsa ho otla Pauluse.
33 Molaoli oa sesole a atamela, a tšoara Pauluse eaba o laela hore a fasoe ka liketane tse peli.+ Ka mor’a moo, a botsa hore na ke mang le hore na o entse’ng.
-