-
Liketso 14:8-10Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
8 Motseng oa Listra monna e mong ea holofetseng maoto o ne a lutse fatše. O ne a hlahile a holofetse, ho se mohla a kileng a tsamaea. 9 Monna enoa o ne a mametse ha Pauluse a ntse a bua. Ha Pauluse a mo sheba ’me a bona hore o na le tumelo ea hore a ka folisoa,+ 10 a phahamisa lentsoe a re: “Ema!” Monna eo a raoha eaba o se a khona ho tsamaea.+
-