11 Ka lebaka la mahlomola a hae, o tla bona ’me a khotsofale.
Ka tsebo ea hae, mohlanka oa ka ea lokileng+
O tla thusa batho ba bangata hore ba fihlele ho loka+
’Me a jare liphoso tsa bona.+
12 Ka lebaka leo, ke tla mo fa kabelo har’a ba bangata,
O tla arolelana le ba matla thepa e hapuoeng
Kaha o fane ka bophelo ba hae+
’Me a balelloa har’a ba tlolang molao.+
O jere libe tsa batho ba bangata+
’Me a kena lipakeng bakeng sa ba tlolang molao.+