Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 53:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Ka lebaka leo, ke tla mo fa kabelo har’a ba bangata,

      O tla arolelana le ba matla thepa e hapuoeng

      Kaha o fane ka bophelo ba hae*+

      ’Me a balelloa har’a ba tlolang molao.+

      O jere libe tsa batho ba bangata+

      ’Me a kena lipakeng bakeng sa ba tlolang molao.+

  • Johanne 3:16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea mong*+ e le hore e mong le e mong ea bontšang hore o lumela ho eena a se ke a timetsoa empa a fumane bophelo bo sa feleng.+

  • Baefese 2:4, 5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Empa kaha Molimo o mohau haholo+ hape o re rata haholo,+ 5 o ile a etsa hore re phele hammoho le Kreste le hoja e ne eka re shoele ka lebaka la liphoso tsa rona.+ O le pholositse hobane a le mosa.*

  • 1 Petrose 3:18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 Kreste motho ea lokileng, o ile a shoela libe tsa batho ba sa lokang+ hanngoe ebile e le la ho qetela.+ O ile a etsa joalo e le hore a le thuse ho fumana Molimo.+ O ile a bolaoa e le motho+ empa a tsosoa ka ’mele oa moea.+

  • 1 Johanne 4:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 O ile a romela Mora oa hae e le sehlabelo se hlakolang libe tsa rona+ e le hore re ka boelana le eena.+ O entse joalo hobane a re ratile eseng hobane re mo ratile.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela