10 Baiseraele* ba tla ba bangata joaloka lehlabathe la leoatle le ke keng la lekanngoa kapa la baloa.+ Sebakeng seo ho sona ho ileng ha thoe ho bona, ‘Ha le sechaba sa ka,’+ ho tla thoe ho bona, ‘Le bana ba Molimo ea phelang.’+
4 Molimo o ile a re’ng ha a mo araba? O ile a re: “Ho ntse ho e-na le banna ba 7 000 ba sa kang ba khumamela Baale.”+5 Ka tsela e tšoanang, le hona joale ho ntse ho e-na le sehlopha se senyenyane+ sa ba khethiloeng har’a Bajuda ka lebaka la mosa* oa Molimo.